Sefela 31
Hona mona fatsheng lena le lebe
Ke na le monono o mong feela
Molimo ke monono oa ‘nete
Ke ntse ke mo hopotse ka mehla
Chorus
Ke a o boka Morena
Ke ntse ke re ho uena
Oho Jesu, Molimo ea mosa
U tle ho nna
Busa moeeng oa ka
2
U ka bona Morena ea monate
Hobane melekoea re hlola
Re ntse re u hoeletsa ka matsati
A ko u re thuse ka grasia
3
Le joale ke talimile ho uena
Hobane ha ho e mong ea nthatang
Uena feela ka ‘nete ua re rata
Lerato la hao ke le fetisang
4
Mefokolo e tletseng pelo ea ka
‘Me ka mehla e nkisa melatong
Oho Jesu!u ntiise ka matla
Hona joale le ho isa lefung
5
Oho! Jesu ea mosa le lerato
Ke talima ho uena kajeno
U ‘nehe hle bohloeki le tumelo
‘Me ka tsona ke hloekisoe pelo
Share with someoneā¦