Close

Sehlabelong

Sefela 29

1
Sehlabelong se halalelang
Jesu ‘Moloki oa rona
Ka mosa o fetisisang
O tla ho rona ka mehla.

Chorus
A re eeng bohle
Ka pelo tse ntle.
A re eeng ho mo adora
‘Me ka lerato
Le ka hlonepho
Ho ba ke eena Morena.
Hoba ke eena Morena.

2
‘Me mangeloi a leholimo,
A felehetsa Morena
A maketse a tsoa letlotlong
Ho bona Jesu le rona.

3
Ka hlompho r emo inameleng
Le ka boikokobetso;
‘me ho eena ea re ratileng
Re kopeng tsa hae lineho.

4
‘Me ea iketsang sehlabelo
Bakeng sa baetsalibe
Ke eena Mora oa Molimo,
Ke oa rona Molopolli.

5
Ke morena ea matla ‘ohle
Ea re nehang ka matsatsi
Ka sebopeho sa bohobe
‘Mele oa hae ka sebele.

6
Ba heso re mo neheng moea,
Bophelo, matla le pelo;
Ke pusetso ea mafutsana,
Empa e tla mo thabisa.

Share with someone…