Close

Re ke re bineleng

Sefela 95

1
Re ke re bineleng ka thabo
Ba ahileng leholimong
Bo-ntat’a rona ka tumelo
Ba amohetsoeng letlotlong.

Chorus
Re bineng hammoho ba ileng ho Molimo
Morena oa rona o ba entse Bakhethoa,
Ba tla ithabela, ‘musong oa leholimo,
Ba tla iketla teng ka mehla le mehla.

2
Re sa tsamaea har’a lintoa;
Teng ke bophelo ba rona;
Empa re talima ka mehla
Ho ba lutseng le Morena.

3
Ka bona re ithuta tsela
E isang ‘musong oa khotso
‘Me ba re sietse mehlala
E lokileng, e molemo.

4
Sesupiso se bokhabane
Se behiloe ke Molimo
Hore rona re se etsise
Ka lerato le tumelo.

5
Thuso e ‘ngoe rea e bona
Ho ba nkiloeng ke Molimo,
Baa re tseba, ‘me baa re rata.
Ke metsoalle e molemo.

6
Pel’a terone ea Morena
Ba re rapella ka mehla,
H are sitiloe baa re thusa,
Ha re lla, baa re tshelisa.

7
Oho! Metsoalle ea Molimo
Utloang thapelo tsa rona:
Re batla soabo le tumelo,
Le ligrasia tse ngata.

Share with someone…