Close

Re bineng Mikael

Sefela 87

Chorus
Re bineng Mikael ea matla
Khosana ea leholimo:
O hlotse lira tsa Morena,
Ahe! Tona ea Molimo!

1
Mikael o hlotse ka ‘nete
Drakone eo e tshabehang
E boletsoeng ke Evangeli,
E matla a fetisisang.

2
Mohla Satane ea bohale.
A ikhantshetsang Molimo
Mikael a ema kapele
Le Mangeloi a molemo.

3
Ke mang ea joaloka Molimo
Ke polelo ea khosana;
‘Me Satane ea boikhatsho
A hloloa ke lentsoe lena.

4
Eaba mangeloi a molemo
A putsoa ka leholimo;
Empa lihele le tahleho
Tsa otla ‘ona a khopo.

5
Oho, Mikael ea monate,
Mothusi ea bokhabane
U re loanele hle, Morena,
Re tla u leboha bohle.

6
Lira tsa bakriste li ngata,
Li matla a fetisang;
Athe rona rea fokola,
Re ka balehela ho mang?

7
Re behile tshepo ea rona
Matsohong a hao, khosana:
Oho, Mikael ea leng matla,
U re thuse lintoeng tsena!

Share with someone…