Close

Re bineng Lintoa

Sefela 94

1
Re bineng lintoa le letlotlo
La ba ratileng Molimo;
Ba entsoe marena kajeno,
Ha ba sa tseba bohloko
Hlonamo e se e le sieo
Ha ba sa lakatsa letho;
Joale ba kotula ka thabo
Seo ba se jetseng ka lillo.

2
‘Me eena Morena Molimo
O iketlile ka bona;
Ba ‘mona ka mehla le mehla
Ba ithabela le eena.
Moo ba lutseng ke Paradising;
Ha ho Bosiu, ke nyene
Lebone la teng ke Konyana,
E sa le le ntse le tuka.

3
Moo ho khanya ha bo-Martiri
Ho joaloka ha letsatsi
Bakonfesore ba khothetseng
Ba letlotlong le sa feleng.
Bavirigo ba bontsha lintoa
Tseo ba li hlotseng ka mehla;
Lenyalong le tla ithabela
Ka botshepehi ba lona.

4
Moo barui bat la nyakalla
Ba ileng ba phomosetsa;
Bafumanehi ba tla rua
Ba ileng ba iphapanya.
Bona ba phetseng ka mahloko
Ba tla phomola le Jesu,
Le ba ileng ba lla meokho
Ba tshelisoa ke Molimo.

5
Lona metsoalle ea Molimo,
Le re supisitse tsela;
‘Me re rata ho le etsisa
Le re rapelle ka mehla.
Hojane re joaloka lona,
Re sebeletsa Morena,
Le re rapelleng ho Molimo,
Re be ba hae ka tumelo.

6
Lona le se le finyeletse,
Rona re sa le baeti;
Lona le lutes Paradising,
Rona re sa le mothating;
Empa ha le ntse le phela
Le ne le tshwana le rona;
Rapelang ‘Moloki oa batho,
Re tle re fihle haeso.

Share with someone…