Close

Re bineng hammoho

Sefela 72

Chorus
Re bineng hammoho,
Maria ‘M’a Molimo;
Re etseng ka thabo,
Tsa ‘M’a rona lithoko.

1
Ka khoeli ea Maria,
A se le monate!
Ka matsatsi-tsatsi
Re bonela ‘M’a rona.

2
Re batleng lipalesa
Tse melang linaheng,
Joale Aletareng
Re li beheng kaofela.

3
Lipalesa ka ‘nete
Lia re ruta bohle,
Li re bolella hle
Likhabiso tsa ‘nete.

4
Lerato la Molimo,
Tumelo ea ‘nete
Le bona bohloeki,
Ka tsona likhabiso.

5
Empa eena ‘M’a rona
A ke ke a rata
Masaoana ana
A fahlang batho feela.

6
Liketso tsa lerato
Re ke re li etseng;
Pelo e hloekileng
Ke eona e molemo.

7
Ka matsatsi kaofela
Khoeling ena e ntle
Re ke re phehelle
Ho hlonepha Maria.

8
Oho uena, ‘M’a rona,
Rea u rapela
U re nehe matla,
A ho fihla ho uena.

Share with someone…