Close

Naheng ea Bethlehema

Sefela 112

1
Naheng ea Bethlehema
Lefatsheng la Juda
Re tsoaletsoe Morena,
Ke eena Messia.

Chorus
O tlile lefatsheng
Ho re pholosa bohle,
Ho re ntsha tsietsing.
Bobeng,
Le ho hlola
Satan’enoa
Ahe! Ngoana e motle.

2
Baprofeta ba itse
E tla ba morena
‘Me eena o tsoaletsoe
Ka lehaheng feela.

3
O hloka le likobo,
O teng ka sejelong;
O har’a liphoofolo
Tse futhang maotong

4
Ho na le balisana
Ba phallang kapele;
Empa ha ho marena
A tsoang ho Bajodi.

5
Heroda o s’a ‘matla
Ka ho tsholla mali
A bana ba bangata
Ba se nang sekoli.

6
Ha fihla bahetene
Ba boning naleli,
Ba botsa Israele
Holim’a ‘Moloki.

7
Efela rea bona,,
Hoba Ngoana enoa
O behetsoe ho tsoha
Le ho oa ha rona.

8
‘Me rea u rapela,
Oho! Ngoana e motle,
U tle ho re pholosa
Fatsheng la bakriste.

Share with someone…