Close

Movirigo ea bokhabane

Sefela 54

1
Movirigo ea bokhabane,
Naleli, Mphatlalatsane,
Uena ea se nang le sekoli,
Ahe, Ahe, ‘M’a Moloki.

Chorus
U mamele lithapelo tsa rona.
U li tlatse mane ho Molimo;
Oho uena ‘Me ea lehlohonolo,
U tle u loantshe lira tsa rona.

2
Uena thabo ea Israel,
U thoriso ea bakriste,
Tshabelo sa baetsalibe,
U khobile bakhelohi.

3
Sohle sechaba sa Basotho
Ka uena se bona Jesu,
Se fumane lehlohonolo
La ho tseba tsa Molimo.

4
Maria, ke lebitso la hao;
Ke la mosa le la mohau;
U leqosa la batho bohle,
Le phallang ha le bitsitsoe.

Share with someone…