Close

Morapelli

Sefela 98

1
Morapelli ea matla
Therisia oa Ngoana Jesu
Bohle rea u rata
Mona sechabeng sa heso!

Chorus
Nesa holim’a Lesotho hle!
U le leholimong le letle,
Seo u re balletseng sona
Pula ea lirosa.

2
Ka pallo ea hao e reng:
Nakong ea hao Paradising
Eo u tla e hlola teng,
Ke ho thus aba lefatsheng.

3
Ka lentsoe la Mopapa
Ua behoa mosireletsi
Oa baprista ba rona,
Oa limishone morapelli.

4
Ka tselanyana e ncha,
Re khannele ho Molimo
Ka moea oa bongoana
Oa bohloeki, oa lerato.

5
U n’u rata ho fihla
Lipheletsong tsa lefatshe,
Ho ea pholosa meea,
E tsebe Jesu ka ‘nete.

6
Ak’u re fumanele
Tshepo le lerato la hao,
Borapeli bo bottle
Ho Maria Movirigo.

7
Palesa ea Karmele
Basotho ba hao le bona,
Tseleng ea bonyenyane
Ba rata ho u latela.

Share with someone…