Close

Mofumahali oa Fatima

Sefela 207

1
Mofumahali oa Fatima
Re rata ho u binela
Ho u bontsha rato la rona
Le ho inehela uena.

Chorus
Ahe! Maria rea u rapela
U re hauhele hle oh Maria
Rea u rapela u re sireletse hle.

2
Re tlile ho uena ka tshepo
E tshwanelang ‘M’a Molimo
Oho ‘M’a bohloeki u re qelle
Ho Jesu re loke ruri.

3
Thusa le banab’abo rona
Ba ntseng ba lutes mafifing
Ba thuse rea rapela
Ba tle ba shoele grasieng.

4
Hape u be mohau ‘M’a rona
Ho batho ba koenehileng
U sitse lipelo tsa bona
Soabo e phethehileng.

5
Re u neha pelo tsa rona
Meea e silafalitsoegn
U mofani oa ligrasia.
Re thus etsa rona lintoeng.

6
Thusa le bona bakhelohi
Ba kholoang sera sa bona
Le bona ba tsebise ‘nete
Ba tsebe Jesu le uena.

7
‘Me u re kopele tshwarelo
Re tle re phemisoe mollo
Hore rona le meea eohle
Re finyelle leholimong.

Share with someone…