Close

Mofumahali

Sefela 65

Chorus

Mofumahali
Ea leng monate,
U talime sanctuary,
Ke moo bana
Baa rapela
Ba tshepile ho ‘M’a bona.
Ba tshepile ho ‘M’a bona.

1
Pelong ea ka
Ke na ntoa
E tshabehang ka sebele;
Oho hle ‘M’e,
U nqobele
Ke tle ke hlole la ‘nete.

2
‘Me lefatshe,
Ka tsa sebe
Le nqekisa ka matsatsi;
‘Namolele
U nthuse hle!
Ke se ke ka utlohela.

3
Ba lihele
Ba ntekile
Ka meleko e boima
U ntalime
U mpholose,
U ntoanele, kea tshaba.

4
Lira tsa ka
Kaofela
Ke makhotla a bohale,
Oho hle ‘Me,
Ke tla hloloa
Ha u sa tle ho ntoanela

5
Hona joale
U nkutloe hle!
U tle u ‘nehe bohloeki;
‘Me kamehla
Ke tla bina
Thoko tsa hao tse monate.

Share with someone…