Close

Lumela, ‘Me

Sefela 81

1
Lumela ‘M’e ea hloekileng
Re amohele ka mosa
Re tlile ka aletareng
Ho inehela uena

Chorus
Rorisang, rorisang
Bitso la Maria

2
Ka nqa tsohle se teng sera
Se ratang ho re bolaea
Maotong a hao a matla
Sebatana see sea shoa

3
Flakeng ea hao, rona bohle
Re loanela ka matsatsi
Re tlohetse tsa lefatshe
Ke eona he, ntoa ea ‘nete

4
Tlong, bana ba tshepehileng
Le tle ho’na, ‘me se tshabeng
Hoba ke ‘Ma lona bohle
‘Me ke se ke le ratile

5
A re eeng, hlopha se setle
Re lateleng flake ena
Mofumahali e motle
O re isa ho Morena

Share with someoneā€¦