Close

Lona le llela’ng

Sefela 102

1
Lona le llela’ng meokho,
Bana ba fatshe lena?
Kanthe ha le tsebe lillo
Tsa banab’abo lona.

Chorus
Bakriste, le se lebale
Bona ba tsamaileng;
Le mellong ea purgatory
Ka thapelo le ba ntsheng.

2
Lefu ha le nkile batho
Le is aba bang mollong
Moo ho hloekisoang melato
E tshajoang leholimong.

3
Talimang, ha ba ntse ba lla
Har’a mollo o tukang;
Ho rona ba ntse ba qela
Metsinyana a batang.

4
Ba hloloheloa Morena
Ka pelo tse bohloko;
Hu lula hole le eena
Ke hloriso e kholo

5
Purgatory ke lihele
Ha ho bapisoa mello,
Empa teng hloriso tsohle
Li tla ba le tokollo.

6
Joale na re ka lebala
Lekhotla la ba hlorang,
Kanthe re ka ba lopolla,
Batho bao ba tshwenyehang.

7
Re ba etsetseng thapelo
Tsee ba ntseng ba li batla
Haholo ke sehlabelo
Sehlabelo sa ‘Missa.

8
‘Me le liketso li ngata,
Liketso tse molemo
Ka tsona re ba etsetsa
Tefelo ho Molimo.

9
Kereke e leng ‘M’a bona
E e aba fokoletsa
Ke tsona indulgensia
Tsa thapelo tse ngata.

10
Lekhotla la leholimo
Le lona le ba thusa
Le ba qella ho Molimo
Tshwarelo, mohau, mosa.

11
Maria ha a lebale
Ho phallela bohlokong;
Ba apereng sekapulare
Ba mo hlomola pelo.

12
Le lona, etsang ka matla
Ho ntsha batho tsietsing,
Hore ba tsebe le bona
Ho le ntsha purgatoring.

Share with someone…