Close

Letlotlo lohle

Sefela 48

1
Letlotlo lohle le isoe
Ho Kriste Morena,
Ka nako tsohle le hohle
Ke batho kaofela.

Chorus
Oho Kriste Moren’a mosa,
Busa tsohle lipelo;
Kelello le eona thato,
Re u neha tsona.

2
U filoe lichaba tsohle
Ho ba lefa la hao
A li ke li u mamele,
Ka tsohle linako.

3
Li teng nku tse sa u tsebeng
Oho se li lahle.
Ak’u li khannele sakeng
Li tle li u tsebe.

4
Felisa mefere-fere
E tubing lefatshe;
Tsebisa lichaba ‘nete,
Mashano a fele.

5
Hlonepho e be ho Kriste,
Moren’a marena;
Le thoko le khanya eohle,
Ka mehla le mehla.

Share with someone…