Close

Konyana ea Molimo

Sefela 22

1
Konyana ea Molimo
E se e le e na
E mosa,  e bonolo
E tla ho rona

Chorus
Molisa e motle
Ke eena enoa
Motsoalle oa mehla
Ke eena hape

2
E, ke Ntat’a batho
Mong’a lineho
‘Me ke leholimo
Hoba ke Jesu

3
Ke bona bohobe
Ba leholimo
Bo na le bophelo
Ea bo jang hantle

4
Ke eena Molimo
Molimo oa ka
Ke eena Morena
Oa leholimo

5
Ere ha a hlaha
Ke utloa pelo
E se e re futhu
Ke Jesu oa ka

6
Oho banab’eso!
Tsietsing tsohle
Re keng le baleheng
Re eeng ho Jesu

7
O sa re khothatsa
A re: Se tshabeng!
Ke hlotse lefatshe
Ke na le lona

Share with someone…