Close

Ke tla ea ho uena

Sefela 74

1
Ke tla ea ho uena
‘Musong oa leholimo
Ho tlotlisa Molimo le uena Maria

Chorus
Maria, Maria
Ke tla ea ho uena

2
Ke tla ea ho uena
Har’a tseo litsietsi
Tse ngata tsa lefatshe
Ke tshepo ea rona

3
Ke tla ea ho uena
Hoba re tseba Jesu
O tla pholosa batho
Ka uena Maria

4
Ke tla ea ho uena
U tla re fa meputso
E tshoanelang liketso
Tse ntle tseo tsa rona

5
Ke tla ea ho uena
Ho ea bina lithoko
Ho etsa mekorotlo
Har’a Bakhethuoa

6
Ke tla ea ho uena
Ke siee tsa lefatshe
Ha ke se ke falletse
Mane ha Maria

Share with someoneā€¦