Close

Ke hlabiloe Pelo

Sefela 152

1.
Ke hlabiloe pelo,
Ke u sitetsoe oho Jesu!
Ke kopa tshwarelo
Ke moetsalibe;
Ke se ke tshabile
Ho sheba leholimo.

Chorus
Jesu oa ka, mohau!
Oho mohau!
Oho mohau!
U nts’u le Ntate.

2.
Jonna ke entse joang
Ho Morena ea halalelang!
Ke ne ke sa bone,
Ke ntse ke phai-phaila
Ha ke ntse ke le teng
Ke ka mohau o sele.

3.
Ua re ka matsatsi:
Tlo, tlo, ho ‘na oho ngoan’a ka!
Ka hana ho utloa,
Ke rata menate
U iphapantse joang
Ha ke ne ke u loantsha!

4.
Hoja ke ne ke shoe
Tshiung tsela ke e-s’o bake,
Mollong o sa timeng
U ne utla nchesa.
‘Me ho be joang ho ‘na
Ka mehla e sa feleng!

5.
Joo! Ke ne ke tla cha
Har’a mollo, ‘me ke bokolle,
Ke sa thuse letho,
Ke tshwenyeha feela,
Ke se na ho bona
‘Muso oa leholimo!

6.
Oho Jesu oa ka!
Ke timelloe ke ho u bona
Le ke ho u rata,
‘Me tshepo e fele!
Oho! Nka utloa joang

Bohloko bo bokale?

7.
Ke tla lula joale
Ke tla ba nku e utloang hantle:
Ke tla ikahlola
Ka soabo e kholo,
Ka matla a Jesu
Ha ke sa tla siteloa.

Share with someone…