Close

Kajeno ha re phuthehile

Sefela 119

1
Kajeno ha re phuthehile
Pel’a sefapano sena
Moya oa rona o thabile
O tla fumana grasia

Chorus
Bakriste binang ka thabo
Tsatsing lena le thabisang
Re bineleng sefapano
Se poloko e fetisang

2
Rona, Ba Roman Katholike
Re ithorisa ka sona
Homme re re: Thoriso e n’goe
Ha e eo ka ntle ho sona

3
E, sefapano sa Morena
Ke buka moo re ithutang
Lerato la Jesu oa rona
Lerato le re pholosang

4
Re tla se etela hangata
Ho tla ithuta mamello
Mahlokong a fatshe lena
Re ikhothatseng ka sona

5
Mohla re batlang re fokola
Re tla tsamaea kapele
Re tla tla ho imatlafatsa
Sefapanong sa ‘Moloki

6
Oho! Jesu Moren’a rona
U re thuse ho se jara
Sefapano sena se matla
Re u latele ka sona

 

Share with someoneā€¦