Close

Kahohle ke thetso

Sefela 148
1.
Kahohle ke thetso,
Ke masaoana feela,
Ha motho a elleloa
Ka leseli la Molimo,
Bonang hle moemo oa baeka:
Bonang le mekete ea ha habo;
E fahla mahlo,
Empa e tena kapele.

2.
Na le eleletsoe
Mohlomong joang ba naha
Bo mela, bo re tala,
Bo ntoo pona ke letsatsi;
Ho joalo le bottle bo ea pona
Ho fifala le likhabiso
Ke lefunyana
Ha ho sa le sebopeho

3.
E mong o lekantse
Hore lehlohonolo
Ke ho etsa bokhopo
Le ho hlanyetsa lefatshe;
Empa motho enoa o fositse,
Hobane pelo ea sehlola
Ha e na kholo,
Ka mehla e nts’e lakatsa.

4.
Na a tla isa kae.
Mafumo a hao motho
Mohla ho fihlang lefu
Le tshehang merero ea hao?
Leha eba motho o moholo.
O ithuetse ntho tse ngata,
Tsatsing la lefu
O tla ba le lebitla qha!
5.
Na ha le s’o bone
Mohedene ea nyefolang
A eme a sa tshabe,
Phatla ea hae e phahame,
Bohle ba mo tshaba ha a bua,
Ba thothomela ha a etsa;
Ka motsotsoana
Lefu le ile ka eena.

6.
Molimo a ‘notsi
Ke eena ea re busang,
Ke eena ea alosang
Taba tsohle tsa lefatshe;
H’a ka bua feela, sealuma
Se otla mofo le Morena
Joaloka hoja
Se otla phoofotsoanyana.

7.
Lefu le khothetse,
Le sebetsa ka mehla
Hona teng har’a rona,
Empa ha le itsebise,
E ka khona re shoe, rona bohle
Ba banyenyane le baholo,
Teng ke molao,
O sa tshwareleng le motho.

8.
Utloang, banab’eso,
Lefatshe lea re thetsa,
Le sitoa, ho re neha
Lehohonolo la pelo;
Molimo a ‘notsi o moholo
Molimo feela o molemo:
Re eeng ho eena,
A tle a re fe bophelo.

Share with someone…