Close

Ikelelloeng

Sefela 15

1
Ikelelloeng bana ba Jesu Kriste
Le inameng pela Eukariste
Ke ‘mele le madi le moea oa hae
Hammoho le bomolimo ba hae

2
Matsatsi a khale a sa fetile
Ke ne ke le mafifing a matsho
Oho joale ke na le eena Jesu
Pelo e khotse ‘me e thabile

3
E, ka ‘nete ke eena enoa Jesu!
Le hoja a ipatetse batho
Sebopwhong sa bohobe le veine
Ke mohlolo ke se ke lumetse

4
Che! ha ke sa re letho ka lefatshe!
Ke menate e fetang ka pele
Thabo ea ka ha e sana ho fela
Ha ke phela ka Jesu Moena

5
Bohobe ba leholimo ke bona
Bo tletseng ho re phelisa moea
‘Me ea bo jang o tla ba le bophelo
O tla tsoha tsatsing la bofelo

6
Oho Jesu, na u tla re hauhela?
Re lapetse, re nyoretsoe uena
Re leetong, re ngoathele mofaho
U re fe ‘mele le mali a hao

 

Share with someoneā€¦