Close

E, ka ‘nete

Sefela 160

1
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo
Ke mo neha pelo ea ka eohle
Ho mo rata ke eona ea ka thabo
Ho mo rapela ke tsepo e ntle.

Chorus
E, ka mehla, e, ka mehla
E, ka mehla, e, ka mehla
Ke tla mo rata, ke lipallo tsa ka
E, ka mehla, e, ka mehla
Ke tla mo rata, ke lipallo tsa ka
Ke ngoana oa Molimo.

2
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo,
Ke tla boloka melao ea hae,
Ka liketso, hape ka lipolelo,
‘Me ke tla ba le eena kae le kae.

3
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo,
‘Me ka mehla ke tla mo hoopla;
Moea oa ka o tla lula le khotso,
Khotso e tsoang ho eena Morena.

4
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo,
Eena feela ke takatso e aka;
Na bakriste ba ka lakatsa lintho
Tse ka ntle ho Molimo oa bona.

5
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo,
Linthong tsohle ke bona Morena
Fatseng lena esita leholimong
Ke bona ho ba teng ha hae feela.

6
E, ka ‘nete ke ngoana oa Molimo,
Mona ke lutse hole le eena;
Ka tla ‘mona khanyeng ea keholimo,
Ke ithabela ka eena feela.

Share with someone…