Close

Bua, Ntlo

Sefela 70

Chorus
Bua, ntlo ea thapelo,
U binele ‘M’a Jesu
Lithoko tsa lerato
Tseo re li etsang kajeno.

U bolelle ka matsatsi Maria,
Hoba bohle re se re mo rata.

U ‘molelle leha re bohloko
A tle ho re khothatsa lipelo.

U ‘molelle ba e-song ho mo rate
Ba bangata, a rapelle bona.

‘Molelle hore re kopa bohloeki,
Re etsise Jesu ka matsatsi.

Share with someone…