Close

Botrinitas

Sefela 136

Botrinitas, mohlolo o moholo!
Kutloisiso e hloloa ke uena
Hlalosetso ha e tsejoe ke motho
Re adore re lumele feela

Chorus
Botrinitas bo halaleng ruri
Re hloloa ho utloisisa
Empa feela ka tumelo ea nnete
E, ka mehla re tla u lumela

2
Molimo Ntate le Molimo Mora
Le tshoana ka boholo le botle
‘Me le na le Molekane oa lona
Ke oona Moea o bokhabane

3
Leholimong, lona boserafime
Ha le phetse ho boka Molimo
Le ‘mineleng, bakeng sa rona bohle
‘Mineleng ka mehla, ke tshoanelo

4
Mane, ‘musong oa Morena ea Mosa
Re tla ‘mona kamoo a leng kateng
Le ha mona, re le hole le eena
Ka lipelong re ke re mo rateng

5
Botrinitas u utloe lithapelo
Tse etsioang hona moo lefatsheng
U re nehe lerato le tumelo
Re tle re u bone paradising

Share with someoneā€¦