Close

Bina, Sione

Sefela 137

Chorus
Bina, Sione, u nyakalle
Ak’u binele ‘Moloki
Lifela tsa hao tse ntle,
Lifela tsa hao tse ntle.

1
Israele, ka lifela tsa kajeno,
U rorise eena Jesu,
Ea re nehang ka mohlolo
Bohobe ba bophelo.

2
Mantsiboea, ka Labone la Paseka
Jesu ruri a ineha,
Barutuoa ha b alula
Tafoleng ea Konyana

3
‘Me Paseka ea Molao e fetile
Le konyana e felile
E ‘ngoe e ncha e hlabiloe,
Paseka ea bakriste.

4
Tsa litsoantso le tsa khale tsa phetheha
‘Me tsa ‘nete tsa senoloa,
Ha ho hlahile Moprista,
Melkisedek’e mocha.

5
Jesu a re, ha a joetsa barutuoa.
Jang! Hona ke ‘Mele oa ka,
Noang! Hona ke mali a ka,
Etsang ka ho nkhopola.
6
‘Me baprista ka matla a mantsoe ana
Ba fetola veine Mali,
Le bona bohobe ‘Mele,
Sehlabelong se secha.

7
Sebopeho sa bohobe le veine
Tsona ka mahlo li setse.
Boleng ba teng bo suthile,
Ba suthetse ‘Moloki.

8
Ka hostieng sebopeho se sa setse
Sa bohobe le sa veine.
Ntho ea teng ha re e bone
Ke Jesu o re siretse.

9
Bohle baa ja, ba lokileng le ba khopo;
Ho fapana likahlolo.
Ba bang ke ba jang bophelo,
Ba bang ke ba jang tsuo

10
‘Me mohlolo oa mehlolo ba bang baa shoa.
Athe ba bang ba ea phela
Bohobeng bo le bong feela
Bohobe ba bophelo.

11
Eukariste ke bohobe ba Mangeloi
Ke mofaho oa baeti,
E leng lebese la bana,
Le se bo neheng lintja.

Share with someone…