Close

Batlang pholoho

Sefela 147

1
Batlang pholoho ea moea;
Ha le ratile ho bonolo;
Bakriste, taba ke eona!
Ka ntle ho eona ha ho letho.
Ka ntle ho eona ha ho letho.

Chorus
Moea o mong,
Moea o mong,
Se lebaleng!
Ba h’eso, le o pholoseng!
Ba h’eso, le o pholoseng!

2
Ke tahleho e tsabehang
Ha le ka timelloa ke moea;
Hobane mollo o tukang
E tla ba kabelo ea lona.
E tla ba kabelo ea lona.
3
Le tla thusa’ng na, ba h’eso,
Leha le ka rua lefatse,
‘Me le abeloa mahloko
‘Musong o mobe oa mafifi?
‘Musong o mobe oa mafifi?

4
Ke bophelo bo sa feleng
Bo tsoanetseng ho chesehelloa:
Menate mona lefatseng
Ha e na ho kholisa moea.
Ha e na ho kholisa moea,

5
Tsebang taba tsena tsohle
Ke tsona tse se nang go fela
Tse bohloko, tse monate,
Re li lemoheng hle kaofela.
Re li lemoheng hle kaofela.

6
Oho, Morena oa rona,
U re fumanelel pholoho
Re tle re pholose moea,
Re tle re bone leholimo.
Re tle re bone leholimo.

Share with someone…