Close

Batho re thabile

Sefela 158

Chorus
Batho re thabile joale
Ho hlahile taba e ntle
Morena o re hopotse
O re ratile ka ‘nete

1
Tsatsi la hae le chabile
Le tshelisa basa boneng
Le tiisa ba fokotseng
Ke tshepo ea batho bohle

2
Jesu ka letsatsi lena
Ke leseli la lipelo
K Molopolli oa batho
A re talimeng ho eena

3
Ba lutseng hole le eena
Ba tla sala ka lefifing
Ba bone tsietsi feela
Joale le ka ho sa feleng

4
Re khorameleng ho Jesu
‘Me re re: Oho Morena!
Molopolli oa batho
Ha re sa tla u tlohela

Share with someoneā€¦