Close

Bana, mamelang

Sefela 124

1
Bana, mamelang, na le nkekela’ng na?
Kea le botsa, le ntloheletse’ng na?
Leha ke shoetse lona
Le ntsoabisa kamehla.
Bana b aka, le khutleleng ho ‘na.

2
‘Me pelo e aka, ha e sa le e lla
Ka nako tsohle, e qela lerato;
Le buselletsang la ka;
Empa e nehoa feela.
Mohoalotso, tebalo le hloeo.

3
Lerato la ka bohle baa le tseba,
Meokho ea ka ba ntse ba e bona;
Bakeng sa ho ntselisa,
Ba phehella ho ntoantsa
Ba mathela tahlehong ea bona.

4
Ke tla etsa joang hore le nthate na?
Tlas’a lokotlo, ka n aka robeha,
‘Me ka hlatsoa ka mali
Libe tsohle tsa lona;
‘Me kajeno le ntlhaba pelo.

5
Na le sa batla’ng? ke boele ke shoe
Ka lefu le leng la sefapano na?
Se lebaleng mahloko
Ao ke neng ke a jere.
Bana b aka, ho pholohe lona!

6
A re eeng bohle ho tselisa Jesu
Ea re ratileng ho fihlela lefung
Ka soabo le lerato
Re hlakole meokho
Re kokobetse mahloko a pelo.

Share with someone…