Close

Bakriste thabelang

Sefela 138

1
Bakriste, thabelang.
Mokete-Molimo,
Kajeno kopanyang
Nyakallo le thoako.
Tsa khale li fele,
Tsohle li nchafale,
Pelo, mantsoe le liketso.

2
E le ka phirima
Kamoo ho laetsoeng
Molaong oa Moshe,
Jesu le baena
Ba lula tafoleng
Ho tla ja mahobe
Le konyana ea Paseka.

3
Ha ho phethahetse
Setsoantso sa khale,
‘Mele oa Morena
O jeoa ke bona
Ka Paseka e ncha
Bohle ba fumana
Molimo ka ho lekana.

4
O fa ba fokotseng
‘Mele ka sejaneng,
O fa ba saretsoeng
Mali ka senoelong,
A re: Amoheleng
Seo le se fuoang,
Ke mpho ea lerato la ka.

5
‘Me a hloma joalo
Sehlabelo sena;
A ba a laela
Baprista feela
Hore ba itjelle,
Ba abele bohle
Sejo sena sa pholoho.

6
Sejo sa mangeloi
Se jeoa ke batho!
Ho phetheha ruri
Ho boletsoeng pele
Re bona mohlolo
O etsetsoang mofo,
Mohloki, moetsalibe.

7
E, Botrinitase,
Molimo a le mong,
Ha u re etela,
Re tla u adora,
U re fihlise hle
Mane leholimong,
Leseling, lehlohonolong.
Amen

Share with someone…