Close

Ka hlompho re adoring

Sefela 9 1. Ka hlompho re adoring Jesu ka aletareng! O tlil’o re bulela Seliba sa grasia. Chorus Ke Molimo oa rona Ke morena ea mosa, Re mo feng lipelo tsohle tsa rona. 2. O teng ka bomolimo, O teng ka botho ruri, O re lefella libe, Ka sena sehlabelo.

Josefa Ntat’a rona

Sefela 92 1 Josefa ntat’a rona, Molebeli ea tsepehang, Utloa kopo ea bana. Ba leng mona ba u tsepang. Chorus Sancte Joseph, Sancte Joseph, ora, ora pro nobis 2 U ile ua baballa Jesu le eena Maria, U re thuse le rona Ha re le lefatseng lena. 3 U re qelle bohloeki Bona ba ‘mele…

Jonna! Moea oa ka

Sefela 149 1 Jonna! Moea oa ka U tsohetse’ng, u hlokela’ng khotso! Jonna! Moea oa ka U tsohetse’ng u hloka khotso, Ke khale ke ithatafatsa, Morena, ke se na ho loka, Jonna! Ke fositse! Ke lahlile tsela ea ‘nete. 2 Lefu le ntatetse, Le haufi, le batla ho ntiha; Lefu le ntatetse Ho felile masaoan’a…

Jesu oa ka, e se e le nako

Sefela 151 1 Jesu oa ka, e se e le nako; U lebale tsa rona litlolo: Khale re ntse re u loantsa; Kajeno rea rapela Jeus oa ka. 2 Oho! Ntate re u soabisitse, Re hlabile pelo ea hao hamper. Oho tlohela, re bakile; Ka ‘nete re soabile, Oho Ntate! 3 Mali a hao, oho…

Jesu lebitso

Sefela 117 1 Jesu lebitso le mosa, Tsebeng eka ke sefela, Pelong sejo se monate, ‘Me ka hanong ke linotsi. 2 Re bineng lebitso lena Le monate ‘me le matla; Le tebela Bademone ‘Me le khothatsa bakriste. 3 Puo e sitoa ho pheta Le lengoloho hlalosa; Ea utloilenga ka tseba Hore na Jesu ke’ng ho…

Jesu ke monghali

Sefela 144 1 Jesu ke monghali e motle; Ho monate ho mo rata, O lehlohonolo ka ‘nete, Ea inehetseng ho eena. 2 Basotho le se ke la tsaba Ho lumela ho Molimo, Hobane joko ea Morena E bobebe, e molemo. 3 E, lefatse le mekhoa ea teng A se ho feta kapele! Helang, le lithoto…

Ho Rorisoe

Sefela 172 1 Ho rorisoe ka lithoko Jesu ea busang kahohle Leha lira li totile Li hloleha habonolo, Ha ho matla lefatseng, A mo fenyang lintoeng, Matla ‘ohle a lefatse Eka lipulula feela. 2 ‘Me Marena a tsoatsoile A ikhantsa, a hloleha Hoba Jesu ke senatla Se qhobang linatla tsohle O nts’a rena lekhotleng Le…

Ha re se re rotse

Sefela 69 1 Ha re se re rotse rosari, Re tla rapela ‘M’a rona ‘Me re tla bona bohle, re re: Ahe Jesu le Maria! Chorus Re rateng rosari, Ke ‘nete tsa thuto. Ke lihlaku tsa thapelo E, ka ‘nete. 2 Jesu o n’a shoe ka motsotso, Moea oa hae o boetse O kene ‘meleng…

Ha Morena a fanyehoa

Sefela 75 1 Ha Morena a fanyehoa ‘M’ae o n’a eme a nts’a lla Ka tlas’a sefapano. 2 Mahlo a seka meokho, Pelo ea hae e bonolo E hlajoa ke lerumo. 3 Jo! bohloko bo bokakang Ba ‘M’a rona ea ratehang Har’a tsee litlokotsi! 4 Bonang ‘maka mahlomola Ha ho rohakoa, ho hlorisoa Ngoan’a hae…