Close

Pelo-nolo (Cor dulce)

Sefela 35 1 Pelo-nolo e ratehang, Eo lerato le u hlabang, Oho Jesu ea re shoetseng, U ratoe hohle lefatsheng. 2 Moahloli oa halefa, Ha re sebeletsa lira; Puo feela ea hao Jesu, E mo kokobetsa pelo. 3 Ke hobane ka maroba A Pelo ea hao, u roba Kubu e loketseng sebe Sa rona majala-tse-mpe.…

Re hlonepheng

Sefela 24 1 Re hlonepheng! Re adoreng! Eena Jesu oa rona. Re hlonepheng! Re adoreng! Ke eena Morena. Chorus Binang! Binang! Hoba ke eena Jesu; Binang! Binang! ‘Moloki oa batho. E! ke eena Jesu! E! ke eena Jesu! 2 Molimo ea Mosa O tlile ho rona, O tlisa thabo, O felisa lillo. 3 Ho eena…

Tshepo ea rona

Sefela 78 Chorus Tshepo ea rona Ea Basotho Ke Maria Tshepo ea Lesotho. 1 Le tsebeng hle bahedene ba batho Ha le bona ‘M’a rona Maria Hoba eena ha a khese ba batsho, Ke ‘M’a lona. ‘M’a lona Bakoena. 2 Baroma hle, re emeng ka bohale Re se tshabeng ho tshepa Maria; Thuto ena ke…

Tlong le utloeng

Sefela 120 1 Tlong le utloeng banab’eso Mahlomola a tshabehang, Le tsa ho shoa ha Jesu 2 Serapeng sa Gethsemane Pelo ea hae e ratehang E n’e tlale masoabi. 3 Boning Judas ea leoatla O mo eka le ka kako; O rekisa ka eena. 4 Joale litau tse lapileng Tsa mo tshwara tsa mot lama…

Tlong bohle

Sefela 115 1 Tlong bohle; bakriste, ka thabo le thoko; Tlong bohle, tlong bohle Bethlehema Le bone Ngoana Mong’a leholimo. Tlong bohle ho adora, Tlong bohle ho adora, Tlong bohle ho adora Morena. 2 Re eena le balisa, re eeng ka phakiso Re chakele Ngoana oa Molimo. Lehana lena le ka leholimo. Tlong bohle ho…

Tlo, Moea o halalelang

Sefela 3 Chorus Tlo, Moea o halalelang, Tlo, Moea o halalelang, Tlo, Mong’a lipelo! Hotetsa lipelo tsa rona. Tlo, Mong’a lipelo! Hotetsa lipelo tsa rona. 1 Re se re tla utloa polelo tsa hao, Ke tsa ‘nete, ‘me le tsa bophelo, Li re bontsha tsela ea pholoho; Thusa, thusa re utloe thato ea hao. Thusa,…

Thoriso, Letlotlo

Sefela 128 1 Thoriso, letlotlo, Ho Jesu ea matla! Re ‘mineleng ka thabo, Ke eena Morena. Chorus O hlotse kajeno Esita le lihele; A re bineng Jesu, Re beng ba hae bohle. Alleluia! Alleluia, Alleluia! Alleluia. 2 Thoriso, letlotlo Ho Jesu ea mosa Ea hlakotseng litshito Tsa rona tse ngata. 3 Thoriso, le teboho Ho…

Thoriso, Lerato

Sefela 127 Chorus Thoriso, Lerato, hlolo, hape letlotlo, Ke lena letsatsi la batho ea ‘nete; Jesu o tsohile; lefu le se le hlotsoe; Ho eena le Maria ho bineloe lithoko. 1 Jesu o tsohile, o tsohile bafung Ka letsatsi lena kamoo a n;a boletse, E, Morena Jesu, Monghali oa lefatshe A ka sitoa ho lula…

Sefela sa Balisana

Sefela 210 1 Ka lifela tse ntle haholo Re bineleng Molopolli E kajeno re fuoa Eena Eena Ngoana oa Molimo Hoba Misseng ka nako e kholo Bohobe bo nyametse tuu Ho hlahile Molimo Motho A re mo rateng le rona. 2 Balisa re ne re lisitse Metebong har’a Maloti Eare tsatsing le leng ra utloa…

Sehlabelong

Sefela 29 1 Sehlabelong se halalelang Jesu ‘Moloki oa rona Ka mosa o fetisisang O tla ho rona ka mehla. Chorus A re eeng bohle Ka pelo tse ntle. A re eeng ho mo adora ‘Me ka lerato Le ka hlonepho Ho ba ke eena Morena. Hoba ke eena Morena. 2 ‘Me mangeloi a leholimo,…