Close

Ahe ‘Mè ao Lesotho

Sefela 208

Chorus
Ahe! Ahe! Maria oa Lesotho
Ahe! Ahe! Ahe Mofumahali

1
Ahe ‘Mė oa Lesotho
Ea mosa, ea lerato
Re tlile ka lithoriso
Mamela thoko tsena
Oho hle li fetisetse
Ho Mora oa hao ea ratehang

2
Oho ‘Me ea ratehang
U ile ua etela
Balisana ba leng bararo
Ho kopa maitelo
U re fe moea oa hao hle
Oa tefelo le thapelo

3
Maria ea monate
Re u fa lirosari
Re tlile ka ho rapella
Kereke ea Molimo
E thuse, e atlehise
Hona joale le ka mehla

4
Re tlile ho uena ‘Mè
Ka pelo tse soabileng
Kajeno u re tśoarele
Hobane re sitetsoe
Mor’a hao, Jesu oa rõna
Molopolli ea ratehang

5
U utlwe ‘Me ea mosa
Bakriste ba leng mona
Ba tlileng ka matśeliso
Ho tlosa mahlomola
Ka pelong ena ea hao ‘Mè
E hlabiloeng ke marumo.

6
Mamela ‘Mè ea mohau
Lipina tsa lerato
Tseo bana ba hao kajeno
Ba u binelang tsona
Ke thabo le nyakallo
Le lerato le leholo

7
Maria, u rapelle
Basotho bana ba hao
Ba rute Molimo feela
Ba lahle masaona
Ba phele le ka bohloeki
Bo kang ba hao bo tsotehang

8
Bakriste ba teng mona
Le kope ligrasia
Ho eena Mofumahali
Maria oa Fatima
Ea tlileng mona ho rõna
Ho re neha limpho tsa hae

9
Basotho bana ba hao
Oho ‘Mè oa Lesotho
Ba rata ho u leboha
Ka ho tla hona ha hao
Oho hle u amohele
Liteboho tsa Bakriste

10
Ho uena ‘Mè Maria
Re tlile ho u nehela
Bophelo bohle ba rõna
Kajeno amohela
Liketso tsa Bakriste bao
Ba inehang pelong ea hao

Share with someone…