Close

A se le thabo

1
A se le thabo kajeno!
Le ha ke le mo etsa libe
Ke tla amohela Jesu
O sa e tla ho ‘na ka ‘nete

Chorus
U phakise ho Morena
Ke eona takatso ea ka

2
Tumelo e se ntlisitse
Pela hao, oho Molopolli
Ka hobane ke lumetse
Pelaelo ha e eo ruri

3
Ka moea kea u bona
Ke se ke neha hlonepho
Ruri kea u adora
Ke ntse  ke re: E, u Molimo

4
Joale kea thothomela
Ha ke atamela ho uena
Ke ntse ke re: Motho feela
O amohela joang Morena

5
Ke na le libe tse ngata
Moea oa ka o tletse tsona
U nthuse ho li soabela
Ke kopa tsoarelo ho uena

6
Ke behile tshepo ya ka
Ho uena, Jesu ea monate
Ka uena ke tla ba matla
Ke hlole sebe le lefatshe

7
Kea u rata, Morena
Le ha ntse ke u fosetsa
Oh! tiisa pelo ea ka
Ke tla khomarela ho uena

8
Tlo, joale, Morena Jesu
Tlo, u buse ka pelong ea ka
Tlo uena ea hlotseng lefu
Tlo u hole le ha ho ‘na

9
Oho Jesu, Moren’a ka!
Ha ke natse bophelo bona
Ke batla bo bong ho uena
Ke batla bo se nang ho fela

Share with someone…