Close

Ahe! Ahe Kriste

Sefela 47

1
Ahe! Ahe! Kriste Morena
Bohle ba u tlotlise kajeno
Thoko le thoriso ho Uena
U leng ‘moloki oa batho

Chorus
U buse o laele
Hohle fatsheng lena
Bohle ba u mamele Kriste Morena’ka

2
U Morena ka tsoalo ea hao
Ke uena Mong’a bopuoa tsohle
Hobane u Mor’a Molimo
Ea renang lefatsheng lohle

3
U Morena haba u hlotse
Lefu, sebe, matla a lihele
Mali a hao a bokhabane
Ruri a re pholositse

4
E, Morena oa leholimo
Moo u lutseng le Ntate le Mora
U busa teng ‘musong oa khotso
Busa joalo le ho rona

5
Busa hle! meea le lipelo
Tsa Basotho ba ratoang ke uena!
‘Me chabeng sena sa Lesotho
U rene, Kriste Morena

Share with someone…