Sefela 35
1
Pelo-nolo e ratehang,
Eo lerato le u hlabang,
Oho Jesu ea re shoetseng,
U ratoe hohle lefatsheng.
2
Moahloli oa halefa,
Ha re sebeletsa lira;
Puo feela ea hao Jesu,
E mo kokobetsa pelo.
3
Ke hobane ka maroba
A Pelo ea hao, u roba
Kubu e loketseng sebe
Sa rona majala-tse-mpe.
4
Pelo ea hao e hlabiloeng
Ke rato le phethehileng
La ba leketletseng lefung,
Ke eona thebe ea rona.
5
Re balehela ho uena,
Hobane re mafutsanaa:
Ke uena ruo la batho
Ba imetsoeng ke melato.
6
Morena re amohele
Selibeng sa pelo e ntle
Ea hao, e re fineletsang
Ka rato le re pholosang.
7
Tlotliso ho uena Jesu,
Ea ithuhelang lipelo
Ka rato le sa ithateng:
U bokoe ka bosafeleng.
Share with someoneā¦