Sefela 101
1
Lenyalo ke Sakramente
E behiloeng ke Kriste;
Ke boitlamo bo thata,
Bo se nang ho lokolloa.
Chorus
Ba thuse, oho Morena,
Ho phetha kano tsena;
Le ho jara ka mamello,
Boima ba lenyalo.
2
Ak’u hlohonolofatse
Banyali bana, Kriste!
Ba kenang tlamong tse thata,
Ba thuse hle ba tiee.
3
U n’u le teng mohl’a Kana,
Tlo le kajeno lena,
U thuse banyali bana
Ho phetha tlamo tsena.
4
Morena, ak’u be mosa
Ho sitsa, ka grasia,
Banyali ban aba mona,
Ba kopang thuso ea hao.
5
Oho Maria, ‘M’a rona!
U tseba tlamo tsena;
Ba rute ho li mamela
Ka lerato ka mehla.
Share with someone…