Sefela 110
1
Ke utloa mane lithoteng
Mangeloi a theohileng
A tlang a bina hamonate
A bina sefela a re:
Chorus
Gloria in excelsis Deo! (bis)
2
Helang! Lona, balisana,
Le re joetseng taba ena;
Mokete ona ke oa’ng na?
Na ke sa’ng sefela sena?
3
Makhotla a leholimo
A beele batho tsoalo
Ea Morena oa marena;
A re leboheng le rona.
4
E, Monghali oa lefatshe,
U tla ka bofumanehi,
U tla ka le bonyenyane
Hoba u re ratile hle!
5
Batho ba se ba utloile
Ka bona bo-Kerubime
Sefela sa leholimo
E leng sefela sa khotso.
6
Balisa, tsohang borokong
Tlohang kapele metebong:
Letsang lithomo tsa lona,
Ho lume lithaba tsena!
7
E, Morena, rea utloa,
Re tla etsisa balisa;
Ka tlung ea hao ea thapelo,
Re tla bina ka teboho.