Close

Ke uena molebeli

Sefela 84

1
Ke uena molebeli,
Molebeli oa ka,
U ntlisetse leseli,
Ke thapelo ea ka.

Chorus
E, kea u rapela,
Lengeloi le letle,
U nkalose kamehla!
U ntebele hantle.

2
Fatsheng lena le lebe,
Hole le Molimo
Ke le moetsalibe,
Ke tla etsa joang na?

3
Mona har’a lifefo
Tse ntsho tse tshabehang,
Tse patang leholimo
Na ke tla ea ho mang?

4
Empa lentsoe le letle,
Ke le utloa pelong:
Se tshabe! Lira tsohle
Li hlotsoe ke Jesu.

5
E, Morena ea matla
Ea busang kahohle,
O ‘nehile Molisa
Ea mpaballang hantle.

6
Ke lona le nkhothatsang
Ho rata Molimo:
‘Me hape le thibelang
Tse ka senyang khotso.

7
Ke thusoa hamonate
Ke uena khosana;
Teboho ke ea ‘nete;
U nthuse ka mehla.

Share with someone…