Sefela 171
1
Bakriste re il’o qetella
Hlaabelo se halalelang,
Re ile ra fuoa lineho
Tse re tiisang lipelong,
Re u boka ka thabo e kholo
Ka lifela tsa rona bohle;
U tlile ho bafumanehi,
‘Moloki oa rona, Ahe!
2
Satane o leka ka matla
Ho Kenya baloki sefing.
Oa cheha, o qeka kamehla
Ho re susumetsa sebeng.
Empa rona re tla itoanela
Ka thapelo e re pholosang.
Ka ho itekola haholo
Re ke ke ra hloloa ntoeng.